< Home | Contacts | Feedback | Related Links | Sitemap | Search

 

 Tel: +266 22 314281
 

 

About the bank
Financial Matters
Legal and Regulatory
Publications
Projects
Lesotho Currency
Statistics
Banks/NBF Institutions
Operational Directives
International Relations
GOL Treasury Bills
Central Bank Library
Bank Holidays
 POLELO
POLELO EA MOOKAMELI OA BANKA E KHOLO EA LESOTHO MABAPI LE LIPATLISISO TSE AMANANG LE STAR LION GROUP (MKM) LE MILLENNIUM GOAL SOCIETY (MILLENIUM)

Banka e Kholo ea Lesotho e boetse e lakatsa ho lemosa sechaba ka boemo ba litaba mabapi le lipatlisiso tse ntseng li tsoela pele litabeng tsa MKM le Millennium.

Joalekaha re ’nile ra hlalosetsa sechaba nakong e fetileng, litaba tsa MKM le Millennium li ntse li le ka pele ho Lekhotla le Phahameng.  Lipatlisiso mabapi le tšebetso ea kh’amphani tsena tse peli le tsona li ntse li tsoela pele ho latela taelo ea Lekhotla ea la 27 Pulungoana, 2007.

Sechaba se hopotsoa hore lipatlisiso tsena li mekhahlelo e ’meli:

i)                     Ho fumana lenane la mabitso a batseteli le lichelete tse tsetetsoeng.

ii)                   Ho fumana matlotlo (assets values) a litsi tsena tse peli Lesotho le Afrika Boroa

MKM

Sechaba se tla hopola hore ka lebaka la tieho e bileng teng liphuputsong tsa MKM, Lekhotla le ne le ile la eketsa nako ea lipatlisiso tsa MKM ka likhoeli tse tharo ho isa ho la 03 Phupu, 2008.

MILLENNIUM

Sechaba se tla hopola hape hore Millenium e ne e ile ea kopa Lekhotla ho thibela Banka e Kholo ho tsoela pele ka lipatlisiso, e itšetlehile ka hore ho ne ho se na mabaka a hore Banka e hlahlele nyeoe e potlakileng (ex parte) ka la 27 Pulungoana, 2007, e sa feng moikarabelli monyetla oa ho ikarabella.

Lekhotla le ile la qhala nyeoe eo ’me la laela hore lintlha-kholo tsa tsekisano pakeng tsa Banka le Millennium li tlo buuoa ka la 19 Motseanong 2008,  ‘me le mahlakore ao a mabeli a eo hlaha Khotla ho thetha nyeoe.

Ka la 19 Motšeanong, Lekhotla le ile la etsa qeto ea hore le tla bua litaba tseo ka la 23 Loetse, 2008 ’me Lekhotla la etsa taelo tse latelang:

1.    Banka e kholo e fihled pheletso ea lipatlisiso;

2.    Ha lipatlisiso li phethahetse Banka e etse phatlalatso ea mabitso a batseteli ba Millennium;

3.    Sechaba se tsetetseng Millennium se tle se ee litsing tse tla phatlalatsoa ho ea hlahloba le ho netefatsa boteng ba mabitso a bona, le lichelete tseo ba li tsetetseng;

4.    Ha liphuputso li phethahetse, le batseteli ba netefalitse boteng ba mabitso a bona le ho nepahala hoa lichelete tso ba li tsetetseng, Banka e kholo e fane ka tlaleho ho Lekhotla, e le ho lokisetsa nyeoe e tlang ho buuoa ka lona letsatsi leo la la 23 Loetse, 2008.

Hore lipatlisiso tse boletsoeng li fihlele pheletso, Banka e Kholo e ile ea hlahlela nyeoe Lekhotleng hona tsatsing leo la la 19 Motšeanong hore Lekhotla le qobelle Bookameli ba Millennium ho araba lipotso tsa lipatlisiso. Nyeoe eo e tla buuoa ka la 23 Phupjane, 2008.

21 May, 2008

© Central Bank of Lesotho - 2004 | Disclaimer

Designed and host by CBS