< Home | Contacts | Feedback | Related Links | Sitemap | Search

 

 Tel: +266 22 314281
 

 

About the bank
Financial Matters
Legal and Regulatory
Publications
Projects
Lesotho Currency
Statistics
Banks/NBF Institutions
Operational Directives
International Relations
GOL Treasury Bills
Central Bank Library
Bank Holidays
 STATEMENT

POLELO KA BANKA E KHOLO EA LESOTHO MABAPI LE POLOKO EA BAFU BA MKM BURIAL SOCIETY

Ho latela khato e nkiloeng ke ‘Muso le Banka e kholo mabapi le MKM, sechaba se nang le beng ka bona li-‘moshareng tsa MKM se kopua ho ela hloko lintlha tse latelang:

1.       ‘Muso le Banka e kholo li ikemiselitse ho etsa bonnete ba hore bafu bohle bao eleng litho tsa MKM ba fumane poloko e hlomphehang joalekaha e le tsoanelo.

2.       Sechaba se hlokomelisoa hore ho ea ka taelo ea lekhotla (Court Order) MKM ha e ea thibeloa ho tsoela pele ka lits’ebeletso tsa mapato a bafu, ‘me lits’enyehelo tse joalo litla buseletsoa MKM ke ‘Muso.

3.       Nakong ena eo Banka e ntseng e ntsetsa pele taelo ea lekhotla,  ‘Muso le Banka li entse boipiletso li-‘moshareng tse ling ho fana ka ts’ehetso, ‘me mothating ona Lesotho Funeral Services le Bafokeng Funeral Services li se li amohetse kopo eo. Hang ha litokiso li phethetsoe, sechaba se tla tsebisoa mabitso a li-‘moshara tse ling tse tla thusetsa ts’ebetsong ena. Ka hona, beng ka bafu ba kopuoa ho itlhahisa Lesotho Funeral Services le Bafokeng Funeral Services moo teng ba tla fumantšoa thuso.

4.       Sechaba se amehang se kopuoa ho itlhahisa ka litokomane tse tloaelehileng, tse akhang:

·         Bukana ea boitsebiso ba setho sa lelapa le ea mofu

·         Lengolo le pakahatsang lefu (Death Certificate)

·         Litokomane  tsa botho tsa MKM Burial Scheme

·         Lirasiti tse pakahatsang tefo ea likhoeli tse tšeletseng tsa ho qetela; le

·         Tokomane e pakahatsang hore mofu o polokelong ea bafu

5.       Ho latela litlhopo tse entsoeng le Lesotho Funeral Services le Bafokeng Funeral Services, le tse tla etsoa le li-‘moshara tse ling, beng ka bafu batla fumantšoa tsebeletso ea lepato ho latela kamoo mofu a neng a loketse ho bolokoa ka teng ke MKM.

6.       Sechaba se hlokomelisoa hore leha hole joalo, ha ho chelete e tla fanoa ke Banka ho beng ka bafu. Lintlha tse ling tsohle tse amanang le ts’ebetso ea MKM le sechaba litla hlahlojoa nakong ea liphuputso.

7.       Bafu ba es’o fetele li-‘moshareng tsa MKM, le bona ba tla sebeletsoa Lesotho Funeral Services le Bafokeng Funeral Services, ho fihlela Banka e phethetse litokiso le li-‘moshara tse ling tse tla kenya letsoho ts’ebetsong ena. Sechaba se tla nne se tsebisoe nako le nako ha liphetoho li le teng. Sechaba se kopuoa ho lula se mametse liea-le-moea ke hona.

  Public Relations Division - 29 Pulungoana 2007

© Central Bank of Lesotho - 2004 | Disclaimer

Designed and host by CBS