|
Banka e Kholo ea Lesotho e etsa tsebiso ho batho
bohle ba neng ba tsetetse lichelete tsa bona ho
Millennium Goal Society hore Lekhotla le Phahameng
la Lesotho le entse qeto ea mapomelo malebana le
k’hamphani eo. Ho latela qeto eo, ho tla aroleloa
batseteli bonyane bo fumanehileng ka mokotleng oa
k’hamphani eo (what remains of their investments
with Millenium Goal Society).
T’sebetso ena e tla etsoa ho tloha ka la-9 T’sitoe
2009 ho fihlela la18 T’sitoe 2009, mane Setsing sa
Liboka sa ‘Manthabiseng (National Convention
Centre). Nako ea t’sebetso e tlaba ho tloha ka hora
ea borobeli hoseng (8.00am) ho isa ka hora ea
bohlano mantsiboea (5.00pm), matsatsing a Mantaha ho
isa Labohlano.
Ele hore mosebetsi ona o phethahale ka potlako le ka
makhethe, bohle ba elelloe lintlha tsena:
-
Batho bohle ba amehang, ba lebelletsoe ho tla le
litokomane tse feletseng tsa boitsebiso ba bona,
tse pakang hore ba tsetetse ho Millennium, le
bopaki ka li-receipt ho pakahatsa hore esale ba
ts’ela chelete ea bona moo. Ba lebelletsoe
hape ho tla le boitsebiso ba bona bo phethahetseng.
Phasepoto ke mohlala oa boitsebiso bo joalo.
-
Batho bao litokomane tsa bona li ileng tsa
hlahlojoa ke PricewaterhouseCoopers selemong se
fetileng sa 2008 likhoeling tsa bo-Phupjane le
Phupu, mme e le batho ba ileng ba fana ka lintlha
tse feletseng malebana le libukana kapa lipolokelo
tsa bona tsa banka (bank accounts) bona ba
se it’soenye ho tla Setsing sa Liboka sa
‘Manthabiseng (National Convention Centre) kaha
lipatala tsa bona li tla kenngoa ka
kotloloho lipolokelong tseo tsa bona tse libankeng,
pele ho la 9 Ts’itoe 2009.
-
Haele batho bao litokomane tsa bona li
ileng tsa hlahlojoa ke PricewaterhouseCoopers
selemong se fetileng sa 2008 likhoeling tsa
bo-Phupjane le Phupu, feela e le batho ba se nang
libukana kapa lipolokelo tsa banka (bank accounts)
bona ba tlamehile ho boela ba itlhahisa Setsing sa
Liboka sa ‘Manthabiseng (National Convention
Centre) ho tla fumana lipampiri-chelete
(cheques), ka matsatsi ao a behiloeng.
-
Batho ba sa kang ba itlhahisa ho
PricewaterhouseCoopers selemong se fetileng le
bona ba ntse ba buletsoe mamati hore ba itlhahise
ka matsatsi ao a behiloeng, eleng ho tloha ka la-9
Ts’itoe 2009 ho fihlela la18 Ts’itoe 2009. Ba tle
le litokomane tse seng li hlalositsoe.
TSEBISO KA BANKA E KHOLO EA LESOTHO
3
Tšitoe,
2009 |