|
Banka e Kholo ea Lesotho e tsebisa batho bohle ba
neng ba tsetetse ho Millennium Goal Society, ‘me ba
sa kang ba tla lata lichelete tsa bona, ka khoeli
ea Ts’itoe ngoahola, ha ho ne ho aroleloa batseteli
bonyane bo fumanehileng mokotleng oa Company eo,
hore ba tla fuoa monyetla oa ho tla lata lichelete
tse joalo. Ts’ebetso ena e tla etsetsoa Setsing sa
Liboka sa ‘Manthabiseng (National Convention
Centre), ho tloha ka Mantaha oa la-22 Hlakola, ho
fihlela Labohlano la la-26 Hlakola, 2010, lihoreng
tsa 9.00 hoseng hofihlela 4.30 mantsiboea.
Ele
hore mosebetsi ona o phethahale ka potlako le ka
makhethe, bohle ba elelloe lintlha tsena:
-
Batho bohle ba amehang, ba lebelletsoe ho tla le
litokomane tse feletseng tsa boitsebiso ba bona
‘me tse pakang hore ba tsetetse ho Millennium, le
bopaki ka lirasiti (receipts) ho pakahatsa hore
esale ba kenya chelete ea bona moo. Ba
lebelletsoe hape ho tla le boitsebiso ba bona bo
phethahetseng. Phasepoto ke mohlala oa boitsebiso
bo joalo.
-
Batho bohle ba amehang ba tla fuoa
lipampiri-chelete (cheques) ka matsatsi ao a
behiloeng ho sa khethoe hore na ba na le libukana
kapa lipolokelo tsa banka (bank accounts) kapa ha
ba na tsona.
-
Batho
ba neng ba ile ba fana ka lintlha malebana le
libukana kapa lipolokelo tsa bona tsa banka (bank
accounts) ka 2008 feela bao lichelete tsa bona li
sa kang tsa finyella libankeng tsa bona ka Tsitoe
selemong se fetileng le bona ba tla fuoa lipampiri
chelete (cheques). Ka lebaka leo ba tlamehile ho
itlhahisa Convention Centre ho tla fumana
lipampiri chelete tseo tsa bona.
-
Batho ba sa kang ba itlhahisa ho
PricewaterhouseCoopers selemong sa 2008 le bona ba
itlhahise ka matsatsi ao a behiloeng.
TSEBISO
KA BANKA E KHOLO EA LESOTHO
17 Hlakola 2010 |