|
Banka e Kholo ea Lesotho e tsebisa batho bohle ba
neng ba tsetetse ho Millennium Goal Society, ‘me ba
sa kang ba tla lata lichelete tsa bona, ka khoeli ea
Ts’itoe ngoahola, ha ho ne ho aroleloa batseteli
bonyane bo fumanehileng mokotleng oa Company eo,
hore ba tla fuoa monyetla oa ho tla lata lichelete
tse joalo. Ts’ebetso ena e tla etsetsoa Setsing sa
Liboka sa ‘Manthabiseng (National Convention
Centre), ho tloha ka Mantaha oa la-29 Hlakubele, ho
fihlela Labone la la-01 ’Mesa, 2010, lihoreng tsa
9.00 hoseng hofihlela 4.30 mantsiboea.
Molaetsa ona o ama feela batho ba sa kang ba
itlhahisa ho PriceWaterHouseCoopers, Convention
Centre, ka Ts’itoe ngoahola, esita le ka Hlakola,
monongoaha.
Ele hore mosebetsi ona o phethahale ka potlako le ka
makhethe, batho ba amehang ba lebelletsoe ho tla le
litokomane tse feletseng tsa boitsebiso ba bona ‘me
tse pakang hore ba tsetetse ho Millennium, le bopaki
ka lirasiti (receipts) ho pakahatsa hore esale ba
kenya chelete ea bona moo. Ba lebelletsoe hape ho
tla le boitsebiso ba bona bo phethahetseng.
Phasepoto ke mohlala oa boitsebiso bo joalo. Batho
ba amehang ba tla fuoa lipampiri-chelete (cheques)
ka matsatsi ao a behiloeng.
TSEBISO
KA BANKA E KHOLO EA LESOTHO
|