|
Sechaba ka kakaretso se tla hopola hore Letona la Lichelete
ha le ne le bua ka likhakanyo tsa lichelete (budget)
tsa ‘Muso tsa selemo sa 2006/2007, le ne le
hlokomelise sechaba se sebelisang licheke hore se
sebelise libanka ho chencha licheke tsa sona.
Le ha ho le joalo, Banka e Kholo e hlokomela
bohlokoa ba bahoebi ba chenchelang sechaba se hole
le libanka licheke.
Ts’ebetsong ena Banka e Kholo ea Lesotho e
hlokomelisa bahoebi, libanka le sechaba ka kakaretso
kotsi tse ka bang teng ha ho chenchoa licheke.
Tlhokomeliso ena e tsoaloa ke ketsahalo tsa
morao-rao tsa boqhekanyetsi bo etsoang ka licheke. E
le ho loants’a tlolo tsena tsa molao, bahoebi ba
tloaetseng ho chenchela batho kapa li-company
licheke likhoebong tsa bona ba hlokomelisoa hore ba
thuse batho bao ba ba tsebang ka botlalo.
Pele ba etsa joalo ba ele hloko lintlha tse latelang:
(i)
Ba
nke boitsebiso bo phethahetseng ba beng ba licheke
ka ho hlahlobisisa mangolo a boitsebiso. Ka ho
otloloha, bahoebi ba khothaletsoa ho amohela
boitsebiso ka tokomane ea ho eta (Passport).
Ba nke mabitso, linomoro tsa li-passport, lebitso la
motse, le linomoro tsa mohala, esita le li-address.
Moo ho sebelisoang boitsebiso bo etsoang ka
litokomane tsa nakoana tsa boeti (Temporary Travel
Documents), ho tlatsetsoe ka bopaki bo bong bo kang
lengolo la morena kapa tse ling tse tloaelehileng.
(ii)
Ba
ikholise hore licheke tseo ba li chenchang ke tsa
‘nete.
Mekhoa ea boikholiso e kaba ‘meli:
(a)
Lichekeng tsa ‘muso, Bahoebi ba ka letsetsa
lekaleng la Treasury ho ikholisa hore licheke efela
ele tsa ‘nete pele ba fana ka chelete. Treasury e
malala-a-laotsoe ho thusa ho tiisa lintlha tsa
licheke tse tsoang ho eona.
Bakeng sa ho netefatsa licheke tsa Treasury ho ka
letsetsoa :
Ms
Joalane Mokone nomorong ea 22312888
(b)
Bahoebi ba khothaletsoa ho batla mechine ea
Ultra-Violet, eo ka
eona ba ka tsebang ho ikhotsofatsa hore licheke ke
tsa ‘nete. Mechine ena e thusa ho senola mats’oao a
‘nete a kahare ho licheke, a kekeng a fumanoa
lichekeng tsa mokunyata. Cheke ea ‘nete ha e shejoa
khanyeng ena le lets’oao le ka hare, eleng water
mark.
Bakeng sa lintlha ka botlalo le litlhalosetso, ho ka
letsetsoa:
Mrs. Thenjiwe Namane
Director of Operations
Central Bank of Lesotho
22232030. |