< Home | Contacts | Feedback | Related Links | Sitemap | Search

 

 Tel: +266 22 314281
 

 

About the bank
Financial Matters
Legal and Regulatory
Publications
Projects
Lesotho Currency
Statistics
Banks/NBF Institutions
Operational Directives
International Relations
GOL Treasury Bills
Central Bank Library
Bank Holidays
MILLENNIUM GOAL SOCIETY
TSEBISO EA BOHLOKOA HO BATHO BOHLE BA TSETETSENG HO MILLENNIUM GOAL SOCIETY

Sechaba se tla hoopla hore ka la 27 Pulungoana 2007, Lekhotla le Phahameng le ile la fana ka Taelo ea hore Banka e Kholo ea Lesotho (Central Bank of Lesotho) e fuoe matla a ho ithuta ka botlalo litaba tsa botseteli tsa Millennium Goal Society.  Haholo-holo, Banka e ile ea fuoa matla a ho fumana boitsebiso bo phethahetseng ba batho bohle ba tsetetseng ho Millennium Goal Society, esita le boleng ba matsete ao a bona.

Mothating ona, Banka e Kholo ea Lesotho, ese e hlophisitse manane a batho bao ba tsetetseng moo, ‘moho le boleng ba matsete a bona.  Batseteli bana, ba tlilo fuoa monyetla oa ho ikhotsofatsa hore litaba tse amang mabitso a bona, tse tsoang ho Millennium Goal Society li nepahetse.  Sena se etsoa ka sepheo sa hore haeba Lekhotla le ka laela hore Millennium goal Society e buseletse batseteli lichelete tsa bona, batseteli ba tle ba fumants’oe lichelete tseo tsa bona.

Ka hona, batho bohle ba tsetetseng le Millennium Goal Society ba kupuoa ho ikopanya le PriceWaterHouseCoopers libakeng, le ka matsatsi a latelang, ho ea netefatsa boitsebiso le boleng ba matsete a bona:

Sebaka

Setsi

Letsatsi

Nako

Maseru

Lesotho National

Convention Centre

30 June 2008

01 July 2008

02 July 2008

03 July 2008

09:00 – 17:00

08:00 – 17:00

08:00 – 17:00

08:00 – 17:00

Maputsoe

Sekekete Hotel

07 July 2008

08 July 2008

09 July 2008

10 July 2008

11 July 2008

10:00 – 17:00

08:00 – 17:00

08:00 – 17:00

08:00 – 17:00

08:00 – 11:00

Butha Buthe

Butha Buthe Lesotho

Evangelic Church

14 July 2008

15 July 2008

10:00 – 17:00

08:00 – 17:00

Mokhotlong

Senqu Hotel

16 July 2008

17 July 2008

13:00 – 17:00

08:00 – 17:00

Ha Lejone

Umbrella Guest House

21 July 2008

22 July 2008

13:00 – 17:00

09:00 – 17:00

Thaba-Tseka

Mountain Star Lodge

22 July 2008

09:00 – 14:00

Quthing

Orange River Lodge

24 July 2008

11:00 – 14:00

Mafeteng

Mafeteng Hotel

28 July 2008

29 July 2008

10:00 – 17:00

08:00 – 17:00

Batho bohle ba amehang, ba lebelletsoe ho tla le litokomane tse feletseng tsa boitsebiso ba bona, tse pakang hore ba tsetetse ho Millennium, le bopaki ka li-receipt ho pakahatsa hore esale ba ts’ela chelete ea bona moo.  Ba lebeletsoe  hape ho tla le boitsebiso ba bona bo phethahetseng, ho kenyeletsoa le lintlha tsohle tse amanang le libukana tsa lipolokelo tsa libanka tsa bona, eleng lebitso la banka, lekala la banka, lebitso la polokelo bankeng, le nomoro ea polokelo bankeng. 

Ha motho a qeta ho fana ka litokomane tsohle tse batloang, PriceWaterHouseCoopers etla mo fa setlankana se pakang hore o fane ka litokomane tse joalo.  Kaha PWC e tla nka litokomane tsena ele li-original, keletso ke hore batho bohle ba ka lakatsang ho ipolokela li-copy tsa litokomane tsa bona, ba tle ba se ntse ba iketselitse tsona, kaha PWC etla sitoa  ho ba etsetsa li-copy.

Banka e Kholo e tla leboha ts’ebelisano ‘moho.

10 June 2008

© Central Bank of Lesotho - 2004 | Disclaimer

Designed and host by CBS