< Home | Contacts | Feedback | Related Links | Sitemap | Search

 

 Tel: +266 22 314281
 

 

About the bank
Financial Matters
Legal and Regulatory
Publications
Projects
Lesotho Currency
Statistics
Banks/NBF Institutions
Operational Directives
International Relations
GOL Treasury Bills
Central Bank Library
Bank Holidays
MILLENNIUM GOAL SOCIETY

POLELO MABAPI LE LIPATLISISO TSE AMANANG LE MILLENNIUM GOAL SOCIETY (MILLENIUM)

Sechaba se tla hopola hore ka Pulungoana 2007, Banka e Kholo ea Lesotho e ile ea etsa kopo e potlakileng ’me eo Lekhotla le Phahameng le ileng la e fana e se e le Taelo khahlanong le Millennium Goal Society.  Har’a tse ling, Taelo ena ea Lekhotla e ne e lumella Banka e Kholo, ka PriceWaterHouseCoopers (PWC):

(i)              Ho fuputsa boleng ba chelete e nkuoeng ke Millennium Goal Society sechabeng, ka thoko ho Molao oa Financial Insitutions Act (FIA) 1999;

(ii)            Ho fumana ka botlalo, mabitso a batho bohle ba tsetetseng ho Millennium Goal Society;

(iii)           Ho fumana moo Millennium Goal Society e bolokileng lichelete tsena teng, e le chelete kapa thepa (assets) e rekiloeng ka tsona;

(iv)           Ho fa Mookameli e Moholo (Governor) oa Banka e Kholo ea Lesotho matla a ho hlahloba taba efe kapa efe eo, ho ea ka maikutlo a hae, a bonang eka e bohlokoa ho thuseng hore sechaba se tle se buseletsoe lichelete tsa sona tse nkuoeng ke Millennium Goal Society.

Sechaba se tla hopola hape hore Millenium e ne e ile ea kopa Lekhotla ho thibela Banka e Kholo ho tsoela pele ka lipatlisiso, e itšetlehile ka hore ho ne ho se na mabaka a hore Banka e hlahlele nyeoe e potlakileng (ex parte) ka la 27 Pulungoana, 2007, e sa feng moikarabelli monyetla oa ho ikarabella.  Lekhotla le ile la qhala nyeoe eo ’me la laela hore lintlha-kholo tsa tsekisano pakeng tsa Banka le Millennium li tlo buuoa ka la 19 Motseanong 2008,  ‘me le mahlakore ao a mabeli a eo hlaha Khotla ho thetha nyeoe.

Letsatsing la la 19 Motšeanong, Lekhotla le ile la tsebisoa hore Banka e Kholo le Millennium Goal Society li fihletse Tumellano e tla tataisa lipatlisiso holim’a Millennium. Lekhotla le ile la ananela Tumellano ena ’me la e fetola Interim Consent Order, ho bolelang hore e se e le Taelo ea Lekhotla.

Tlas’a Taelo ena, Banka e Kholo, ka PriceWaterHouseCoopers, e fuoa matla a ho ithuta ka botlalo litaba tsa botseteli tsa Millennium Goal Society. Haholo-holo, Banka e fuoe matla a ho kopana le batho ba tsetetseng le eona Millennium, ka sepheo sa ho fumana tse latelang:

(i)              Ho ikhotsofatsa ka boitsebiso ba batseteli;

(ii)            Litokomane tse feletseng tsa batseteli tse pakang hore ba tsetetse Millennium, le bopaki ka li-receipt ho pakahatsa hore esale ba tšela chelete ea bona moo;

(iii)           Libukana tsa libanka tsa batseteli

Mosebetsi ona oa boithuto o tla etsoa libakeng tse latelang:  Maputsoe, Maseru, Botha-Bothe, ha Seshote, Mokhotlong, Mafeteng, Quthing, le Thaba-Tseka.  Banka e Kholo e tla etsa phatlalatso matsatsing a seng ka tlase ho leshole le metso e mene (14) pele tšebetso ena e thakhoha, libakeng tse boletsoeng.  Liphatlalatso tse joalo li tla etsoa ka likoranta/maselinyana, le ka li-ea-le-moea, ‘me li supa libaka tseo mosebetsi ona o tlang ho etsetsoa teng, le matsatsi le linako tsa teng.

Ha liphuputso li phethahetse, le batseteli ba netefalitse boteng ba mabitso a bona le ho nepahala hoa lichelete tseo ba li tsetetseng, Banka e kholo e tla fana ka tlaleho ho Lekhotla, e le ho lokisetsa nyeoe e tlang ho buuoa ka lona letsatsi leo la la 23 Loetse, 2008.

Sechaba se kupuoa ke hona ho lula se thehile tsebe le ho nyakurela maselinyana e le hore ba tle ba tsebe ka nako ha mosebetsi ona oa bohlokoa o thakholoa libakeng tsa habo bona.

27 Motšeanong, 2008

© Central Bank of Lesotho - 2004 | Disclaimer

Designed and host by CBS